BIBELE e Halalelang

Luka 10:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. A ba a re ho bona: Kotulo e kgolo; basebetsi empa ha ba bakae; rapelang ke hona monga kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ya hae.

3. Tsamayang! Bonang, nna ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri.

4. Le se ke la nka mokotlana wa tjhelete, leha e le mokotla wa mofaho, kapa dieta; le se ke la dumedisa motho tseleng.

5. Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena.

6. Ha mora wa kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla dula ho yena, ha ho se jwalo, e tla kgutlela ho lona.

7. Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.

8. Leha e le motseng ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba le amohela, le je se bewang pela lona.

9. Le fodise ba kulang ba teng, mme le ba bolelle, le re: Mmuso wa mahodimo o atametse ho lona.

10. Empa leha e le motse ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re:

11. Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.