BIBELE e Halalelang

Luka 1:58-68 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

58. Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.

59. Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, ba tla ho bolotsa ngwana, mme ba mo rea Sakaria, lebitso la ntatae.

60. Mmae a araba, a re: Tjhe, empa o tla rewa la Johanne.

61. Ba re ho yena: Ha ho motho hara ba heno ya reilweng lebitso leo.

62. Yaba ba lekanyetsa ntatae hore a ba tsebise lebitso leo a ratang ba ka mo rea lona.

63. Sakaria, hobane a kope lematjana la ho ngola, a ngola, a re: Lebitso la hae ke Johanne. Mme ba makala kaofela.

64. Ka nako yona eo molomo wa hae wa buleha, le leleme la raroloha, mme a bua, a boka Modimo.

65. Ba ahisaneng le yena ba tshwarwa bohle ke tshabo; ditaba tseo tsa hasana kahohle maloting a Judea.

66. Mme bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: Ha ho le jwalo, ngwana eo e tla ba eng? Hobane letsoho la Morena le ne le le ho yena.

67. Yaba Sakaria, ntatae, o tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:

68. Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.