BIBELE e Halalelang

Luka 1:31-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Bona, o tla emola, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.

32. O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.

33. O tla busa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae ha bo ka ke ba eba le bofelo.

34. Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?

35. Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.

36. Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa.

37. Hobane ha ho letho le ke keng la etswa ke Modimo.

38. Maria a re: Bona, ke lekgabunyane la Morena, a nke ke etswe ka polelo ya hao! Yaba lengeloi le tloha ho yena.

39. Matsatsing wona ao, Maria a tloha, a phakisa a ya maloting, motseng o mong wa Juda.

40. A kena tlung ya Sakaria, a dumedisa Elisabetha.

41. Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang,

42. a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao.

43. Mme ho ntlhahela kae ha ke etelwa ke mma Morena ka?

44. O ka bona, lentswe la tumediso ya hao etsware ha le kena ditsebeng tsa ka, ngwana a hlasimoloha ke ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala.

45. Ho lehlohonolo ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala.

46. Yaba Maria o re: Moya wa ka o rorisa Morena;

47. moya wa ka o inyakalletse ho Modimo, Mmoloki wa me;

48. hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo,

49. hobane Ya matla o nketseditse tse kgolo. Lebitso la hae le a halalela;

50. mohau wa hae o melokong ya meloko ya ba mo tshabang.