BIBELE e Halalelang

Luka 1:23-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Yare matsatsi a tshebetso ya hae ha a fedile, a tloha, a kgutlela tlung ya hae.

24. Kamora matsatsi ao, Elisabetha, mosadi wa hae, a emola, mme a ipata ka kgwedi tse hlano, a re:

25. Ke sona seo Morena a nketseditseng sona, mohla a ntekotseng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.

26. Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabriele la romelwa ke Modimo motseng o mong wa Galelea, o bitswang Nasaretha,

27. ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida. Lebitso la morwetsana e ne e le Maria.

28. Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!

29. Maria, eitse ha a le bona, a tshoha ke polelo ya lona, mme a nahana hore tumediso ya lona e reng?

30. Lengeloi la re ho yena: Maria, se tshohe, hobane o bone mohau ho Modimo.

31. Bona, o tla emola, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.

32. O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.

33. O tla busa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae ha bo ka ke ba eba le bofelo.

34. Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?

35. Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.

36. Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa.