BIBELE e Halalelang

Luka 1:14-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela ho tswalwa ha hae.

15. Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.

16. O tla sokollela bana ba Iseraele ba bangata ho Morena, Modimo wa bona;

17. o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.

18. Sakaria a re ho lengeloi: Taba tseo ke tla di tseba kang? hobane ke se ke hodile, mosadi wa ka le yena o se a tsofetse.

19. Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.

20. Mme bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao ditaba tseo di tla etsahala ka wona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ya tsona.

21. Batho bona ba ne ba ntse ba lebeletse Sakaria kantle, ba maketse ke ho dieha ha hae ka tempeleng.

22. Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu.

23. Yare matsatsi a tshebetso ya hae ha a fedile, a tloha, a kgutlela tlung ya hae.

24. Kamora matsatsi ao, Elisabetha, mosadi wa hae, a emola, mme a ipata ka kgwedi tse hlano, a re:

25. Ke sona seo Morena a nketseditseng sona, mohla a ntekotseng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.

26. Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabriele la romelwa ke Modimo motseng o mong wa Galelea, o bitswang Nasaretha,

27. ho morwetsana ya lebeleditsweng ke monna ya bitswang Josefa, wa ntlo ya Davida. Lebitso la morwetsana e ne e le Maria.

28. Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!

29. Maria, eitse ha a le bona, a tshoha ke polelo ya lona, mme a nahana hore tumediso ya lona e reng?