BIBELE e Halalelang

Luka 1:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Erekaha ba bangata ba se ba lekile ho pheta ka hlomahanyo ditaba tse phethahetseng hara rona,

2. kamoo re di neilweng kateng, ke ba iponetseng tsona ka sebele esale ho qaleng ha tsona, bao e bileng e leng bahlanka ba lentswe,

3. le nna, eitse hobane ke botsisise ditaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona, ke re, ho a ntshwanela hore ke o ngolle tsona ka lenaneo la tsona, Theofile ya kgabane,

4. o tle o tsebe ho tiya ha ditaba tseo o di rutilweng.

5. Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.

6. Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.

7. Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.

8. Yare Sakaria ha a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka tsatsi la sehlopha sa hae,

9. kamoo e leng mokgwa wa boprista kateng, a abelwa ho kena tempeleng ya Morena ho tjhesa dibano.

10. Bongata bohle ba setjhaba bo ne bo eme kantle, bo rapela nakong eo ho tjheswang dibano ka yona.

11. Yaba lengeloi la Morena le ipontsha ho Sakaria, le eme lehlakoreng le letona la aletare ya dibano.

12. Sakaria ha a le bona, a tshoha, mme tshabo ya mo wela hodimo.

13. Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.

14. E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela ho tswalwa ha hae.