BIBELE e Halalelang

Levitike 9:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. A hlaba kgomo le pheleu, e be sehlabelo sa teboho bakeng sa setjhaba; bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi, mme a a tshollela aletareng ka nqa tsohle.

19. Ba mo tlisetsa le mafura a kgomo le a pheleu, mohatla, le mohlehlo, le diphio, le mafura a kguto a katlasa sebete;

20. ba bea mafura hodima difuba, mme a tjhesa mafura aletareng.

21. Aarone a tsokotsa difuba tseo le letsoho le letona pela Jehova, e le kabelo e tsokotswang, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

22. Aarone a otlollela matsoho a hae ka nqa setjhabeng, a se hlohonolofatsa; a ntoo theoha ha a se a qetile sehlabelo sa sebe, le setjheso, le sehlabelo sa teboho.

23. Moshe le Aarone ba kena tenteng ya pokano, mme ha ba etswa ho yona, ba hlohonolofatsa setjhaba. Yaba kganya ya Jehova e iponahatsa ho setjhaba kaofela.

24. Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.