BIBELE e Halalelang

Levitike 8:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

10. Moshe a ntoo nka ole ya tlolo, mme a tlotsa tente ya pokano, le dintho kaofela tse neng di le kateng, mme a di kgetha jwalo;

11. a foka hasupa ka yona aletareng, mme a tlotsa aletare le dintho tsa yona, le morifi, le sedulwana sa wona, ho di kgetha.

12. A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.

13. Moshe a atametsa le bara ba Aarone; le bona a ba apesa dikojwana, a ba tlama ka dinyepa, mme a ba hokella dikatiba, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

14. A atametsa pohwana ya sehlabelo sa sebe, mme Aarone le bara ba hae ba bea matshoho a bona hloohong ya pohwana ya sehlabelo sa sebe.

15. Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.

16. Moshe a nka mafura kaofela a mohlehlo, le mafura a kguto a katlasa sebete, le diphio tse pedi le mafura a tsona, mme a di tjhesa aletareng.

17. A ntoo tjhesa kantle ho diahelo pohwana, le letlalo la yona, le nama ya yona le moswang wa yona jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.