BIBELE e Halalelang

Levitike 8:32-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Se ka salang sa nama le sa bohobe, le tla se tjhesa ka mollo.

33. Ka matsatsi a supileng, le ke ke la tloha monyako wa tente ya pokano, ho fihlela matsatsi a peo ya lona a ba a phetheha; hobane matsatsi a peo ya lona a supile.

34. Se entsweng kajeno, Jehova o laetse hore se etsetswe pheko ya lona.

35. Le tla hlola le dutse motshehare le bosiu ka matsatsi a supileng, monyako wa tente ya pokano, mme le tla etsa seo Jehova a le laetseng sona, hore le se etse, hore le se tlo shwa; hobane ke laetswe jwalo.

36. Aarone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Jehova a neng a di laetse ka Moshe.