BIBELE e Halalelang

Levitike 8:30-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Moshe a nka ole ya tlolo, le madi a neng a le aletareng, a foka Aarone le diaparo tsa hae ka wona, hammoho le bara ba hae, le diaparo tsa bona; a kgetha jwalo Aarone le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bara ba hae.

31. Moshe a re ho Aarone le ho bara ba hae: Apehang dinama monyako wa tente ya pokano, le di je hona teng, le bona bohobe bo serotong sa peo, kamoo ke laetseng kateng, ka re: Aarone le bara ba hae ba tla di ja.

32. Se ka salang sa nama le sa bohobe, le tla se tjhesa ka mollo.

33. Ka matsatsi a supileng, le ke ke la tloha monyako wa tente ya pokano, ho fihlela matsatsi a peo ya lona a ba a phetheha; hobane matsatsi a peo ya lona a supile.

34. Se entsweng kajeno, Jehova o laetse hore se etsetswe pheko ya lona.

35. Le tla hlola le dutse motshehare le bosiu ka matsatsi a supileng, monyako wa tente ya pokano, mme le tla etsa seo Jehova a le laetseng sona, hore le se etse, hore le se tlo shwa; hobane ke laetswe jwalo.