2. Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,
3. le dipheleu tse pedi, le seroto sa mahobe a se nang ditomoso, mme o biletse monyako wa tente ya pokano phutheho kaofela.
4. Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng, mme phutheho yohle ya phuthehela monyako wa tente ya pokano.
5. Yaba Moshe o re ho phutheho: Ke sena seo Jehova a laetseng ho se etsa.