BIBELE e Halalelang

Levitike 8:15-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.

16. Moshe a nka mafura kaofela a mohlehlo, le mafura a kguto a katlasa sebete, le diphio tse pedi le mafura a tsona, mme a di tjhesa aletareng.

17. A ntoo tjhesa kantle ho diahelo pohwana, le letlalo la yona, le nama ya yona le moswang wa yona jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

18. Moshe a atametsa pheleu ya setjheso, mme Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu.

19. Moshe a e hlaba, mme a tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.

20. Ha direlwa pheleu ka dikoto tsa yona, mme Moshe a tjhesa hlooho, le dikoto, le mafura a yona.

21. Diteng tsa yona le ditlhako tsa yona tsa hlatsuwa ka metsi, mme pheleu kaofela Moshe a e tjhesa aletareng; ya eba setjheso le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

22. A atametsa pheleu ya bobedi, pheleu ya peo; Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu eo.

23. Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, mme a tlotsa ka wona ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.

24. Moshe a atametsa le bara ba Aarone, mme ka madi ao a ba tlotsa ntlha ya tsebe e tona, le monwana o motona wa letsoho le letona, le monwana o motona wa leoto le letona; mme Moshe a tshollela aletareng ka nqa tsohle madi a setseng.

25. A nka mafura, le mohatla, le mafura kaofela a apesang mala, le mafura a kguto a katlasa sebete, le diphio tse pedi le mafura a tsona, le letsoho le letona.

26. Serotong sa mahobe a se nang ditomoso, se neng se le pela Jehova, a nka senkgwa se sa lomoswang, le polokwe e dubilweng ka ole le leqebekwane, mme tseo a di bea hodima mafura le hodima letsoho le letona.

27. Ntho tseo kaofela a di bea matsohong a Aarone, le matsohong a bara ba hae, mme a di tsokotsa pela Jehova.

28. Moshe a tlosa ntho tseo matsohong a bona, a di tjhesa aletareng, hodima setjheso, e le sehlabelo sa peo, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate pela Jehova.

29. Moshe a nka pheleung ya peo sefuba, a se tsokotsa pela Jehova; ya eba kabelo ya Moshe, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.