BIBELE e Halalelang

Levitike 7:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.

8. Moprista ya hlahisang setjheso sa e mong, o tla newa letlalo la ntho e entsweng setjheso seo a se hlahisitseng.

9. Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.

10. Nyehelo e nngwe le e nngwe e dubilweng ka ole, e omileng, e tla ba ya bara ba Aarone kaofela, leha e le mang kapa mang wa bona.

11. Molao wa sehlabelo sa teboho se hlahisetswang Jehova, ke wona ona:

12. Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole.

13. O tla hlahisa nyehelo ya hae, le dinkgwana tsa bohobe bo lomositsweng, hammoho le sehlabelo sa hae sa teboho le sa kgotso.

14. Karolo ya nyehelo e nngwe le e nngwe e tla hlahiswa ho Jehova e emisitswe, mme e tla ba ya moprista ya tsholotseng madi a se entsweng sehlabelo sa teboho.

15. Nama ya sehlabelo sa teboho, sa kgotso e tla jewa ka lona letsatsi leo motho a hlahisitseng nyehelo ya hae ka lona; ho se ke ha sala letho la yona ho isa hosasa.

16. Ekare ha motho a hlahisa sehlabelo ho lefa kano eo a anneng ka yona, kapa e le sehlabelo sa boithatelo, nama ya sona e tla jewa ka lona letsatsi la sehlabelo, mme se ka salang se tla jewa hosasane.

17. Se setseng sa nama ya sehlabelo ho isa letsatsing la boraro, se tla tjheswa ka lona, ka mollo.