BIBELE e Halalelang

Levitike 7:28-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Jehova a bua le Moshe, a re:

29. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ya tlang ho hlahisa sehlabelo sa hae sa teboho ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova nyehelo ya hae e nkilweng sehlabelong sa hae sa teboho.

30. O tla tlisa ka matsoho a hae tse tlang ho tjhesetswa Jehova; o tla tlisa mafura le sefuba, sefuba se tle se tsokotswe pela Jehova.

31. Moprista o tla tjhesa mafura aletareng, mme sefuba e be sa Aarone le bara ba hae.

32. Mahlabelong a lona a teboho, le tla nea moprista letsoho le letona, a le hlahise ka kemiso.

33. Hara bara ba Aarone, ya tlang ho hlahisa ho Jehova madi le mafura a sehlabelo sa teboho, letsoho le letona e tla ba kabelo ya hae.

34. Hobane mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele, ke nka sefuba se tlang ho tsokotswa, le letsoho le tlang ho hlahiswa ka kemiso, mme ke di nea moprista Aarone le bara ba hae ka taelo ya kamehla, e tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele.

35. Ke yona tokelo ya Aarone, le ya bara ba hae, eo ba e neilweng ka ho tlotsuwa ha bona, mahlabelong a tjhesetswang Jehova, ho qala ka letsatsi leo ba hlahiswang ka lona hore ba sebetse mosebetsi wa Jehova wa boprista.

36. Ke tseo Jehova a laelang bana ba Iseraele ho ba nea tsona, ho qala letsatsing leo a ba tlotsitseng ka lona. Hoo e tla ba molao wa kamehla melokong ya bona.

37. Ke wona oo molao wa setjheso, le wa nyehelo, le wa sehlabelo sa sebe, le wa sehlabelo sa molato, le wa peo ya boprista, le wa sehlabelo sa teboho,

38. oo Jehova a o laetseng Moshe, thabeng ya Sinai, ka letsatsi leo a laetseng bana ba Iseraele ho hlahisa dinyehelo tsa bona ho Jehova, feelleng la Sinai.