BIBELE e Halalelang

Levitike 7:22-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Jehova a bua le Moshe, a re:

23. Bolella bana ba Iseraele, o re: Le se ke la ba la ja mafura a kgomo le a nku, le a podi.

24. Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.

25. Hobane, mang le mang ha a ka ja mafura a dintho tseo ho etswang ka tsona mahlabelo a tjhesetswang Jehova, ya a jeleng, o tla kgaolwa hara setjhaba sa habo.

26. Le ke ke la ba la ja madi le hanyenyane, meahong ya lona kaofela; leha e le a dinonyana, leha e le a tse maoto a mane.

27. Ya ka jang madi afe le afe, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

28. Jehova a bua le Moshe, a re:

29. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ya tlang ho hlahisa sehlabelo sa hae sa teboho ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova nyehelo ya hae e nkilweng sehlabelong sa hae sa teboho.

30. O tla tlisa ka matsoho a hae tse tlang ho tjhesetswa Jehova; o tla tlisa mafura le sefuba, sefuba se tle se tsokotswe pela Jehova.

31. Moprista o tla tjhesa mafura aletareng, mme sefuba e be sa Aarone le bara ba hae.

32. Mahlabelong a lona a teboho, le tla nea moprista letsoho le letona, a le hlahise ka kemiso.

33. Hara bara ba Aarone, ya tlang ho hlahisa ho Jehova madi le mafura a sehlabelo sa teboho, letsoho le letona e tla ba kabelo ya hae.