BIBELE e Halalelang

Levitike 7:19-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Nama e amilweng ke ntho e sa hlwekang, ha e na ho jewa; empa e tla tjheswa ka mollo. Haele nama e jewang, motho e mong le e mong ya hlwekileng a ka e ja.

20. Empa motho ya ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

21. Motho ya amileng ntho efe le efe e sa hlwekang, kapa sesila sa motho, kapa phoofolo e sa hlwekang, leha e le ntho e nngwe le e nngwe e manyala, e ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sefe le sefe sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

22. Jehova a bua le Moshe, a re:

23. Bolella bana ba Iseraele, o re: Le se ke la ba la ja mafura a kgomo le a nku, le a podi.

24. Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.

25. Hobane, mang le mang ha a ka ja mafura a dintho tseo ho etswang ka tsona mahlabelo a tjhesetswang Jehova, ya a jeleng, o tla kgaolwa hara setjhaba sa habo.