BIBELE e Halalelang

Levitike 7:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Molao wa sehlabelo sa molato ke wona ona: ke ntho e halalelang haholo: Ho tla hlajwa sehlabelo sa molato nqalong eo setjheso se hlabelwang teng, mme madi a sona a tla tshelwa aletareng ka nqa tsohle.

3. Ho tla hlahiswa mafura wohle a sona a mohatla, le mohlehlo o apesang mala,

4. le diphio tse pedi le mafura a tsona, ho isa ho a mahlono, le mafura a kguto a katlasa sebete, a tlang ho kgaolwa pela diphio.

5. Moprista o tla a tjhesa aletareng, e le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo; ke sehlabelo sa molato.

6. Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.

7. Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.

8. Moprista ya hlahisang setjheso sa e mong, o tla newa letlalo la ntho e entsweng setjheso seo a se hlahisitseng.

9. Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.

10. Nyehelo e nngwe le e nngwe e dubilweng ka ole, e omileng, e tla ba ya bara ba Aarone kaofela, leha e le mang kapa mang wa bona.

11. Molao wa sehlabelo sa teboho se hlahisetswang Jehova, ke wona ona:

12. Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole.

13. O tla hlahisa nyehelo ya hae, le dinkgwana tsa bohobe bo lomositsweng, hammoho le sehlabelo sa hae sa teboho le sa kgotso.

14. Karolo ya nyehelo e nngwe le e nngwe e tla hlahiswa ho Jehova e emisitswe, mme e tla ba ya moprista ya tsholotseng madi a se entsweng sehlabelo sa teboho.

15. Nama ya sehlabelo sa teboho, sa kgotso e tla jewa ka lona letsatsi leo motho a hlahisitseng nyehelo ya hae ka lona; ho se ke ha sala letho la yona ho isa hosasa.