BIBELE e Halalelang

Levitike 6:4-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. ha a ka etsa sebe se jwalo, a etsa molato, o tla busa seo a se utswitseng, kapa seo a se nkileng ka mano, kapa se neng se beilwe ho yena, leha e le ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile;

5. kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.

6. O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.

7. Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, mme o tla tshwarelwa, leha molato wa hae e ka ba ofe le ofe oo a o entseng.

8. Jehova a bua le Moshe, a re: Laela Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa ditjheso ke wona ona:

9. Setjheso se tla sala leifong la aletare ka bosiu bohle ho isa hosasa, mme mollo aletareng o nne o sohleletswe.

10. Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.

11. O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.

12. Mollo wa aletare o tla nne o tuke ho yona, o se ke wa tima. Ka hosasa ho hong le ho hong, moprista o tla besa patsi hodima yona, a lokise setjheso hodima mollo, a ntoo tjhesa mafura a mahlabelo a teboho.

13. Mollo o tla nne o tuke aletareng kamehla, mme o ke ke wa leswa wa tima.

14. Molao wa nyehelo ke wona ona: Bara ba Aarone ba tla e hlahisa pela Jehova, pela aletare.

15. Moprista o tla qotsa ho yona seatla sa lefi la phofo, le ole, le dibano kaofela tse nyehelong, mme o tla di tjhesa aletareng e le kgopotso, e le monko o monate ho Jehova.

16. Aarone le bara ba hae ba tla ja se setseng sa nyehelo, mme se tla jewa se sa lomoswa, nqalong e halalelang; ba tla se jela lebaleng la tente ya pokano.

17. Se ke ke sa apehwa ka ditomoso. Ke ba neile sona e be kabelo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo; ke ntho e halalelang haholo, jwaloka sehlabelo sa sebe le sa molato.

18. Ba batona bohle ho bara ba Aarone ba tla se ja. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona, bakeng sa dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Motho ya di amang o kgethehile.