BIBELE e Halalelang

Levitike 6:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. leha e le ka ho latola ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile, kapa ka ho hlapanya ka leshano hodima ntho efe le efe eo ho ka thweng ke sebe;

4. ha a ka etsa sebe se jwalo, a etsa molato, o tla busa seo a se utswitseng, kapa seo a se nkileng ka mano, kapa se neng se beilwe ho yena, leha e le ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile;

5. kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.

6. O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.

7. Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, mme o tla tshwarelwa, leha molato wa hae e ka ba ofe le ofe oo a o entseng.

8. Jehova a bua le Moshe, a re: Laela Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa ditjheso ke wona ona:

9. Setjheso se tla sala leifong la aletare ka bosiu bohle ho isa hosasa, mme mollo aletareng o nne o sohleletswe.

10. Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.

11. O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.

12. Mollo wa aletare o tla nne o tuke ho yona, o se ke wa tima. Ka hosasa ho hong le ho hong, moprista o tla besa patsi hodima yona, a lokise setjheso hodima mollo, a ntoo tjhesa mafura a mahlabelo a teboho.