BIBELE e Halalelang

Levitike 6:16-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Aarone le bara ba hae ba tla ja se setseng sa nyehelo, mme se tla jewa se sa lomoswa, nqalong e halalelang; ba tla se jela lebaleng la tente ya pokano.

17. Se ke ke sa apehwa ka ditomoso. Ke ba neile sona e be kabelo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo; ke ntho e halalelang haholo, jwaloka sehlabelo sa sebe le sa molato.

18. Ba batona bohle ho bara ba Aarone ba tla se ja. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona, bakeng sa dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Motho ya di amang o kgethehile.

19. Jehova a bua le Moshe, a re:

20. Nyehelo ya Aarone le bara ba hae eo ba tlang ho e hlahisetsa Jehova ka letsatsi leo ba tla tlotswa ka lona, ke yona ena: Karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo e be nyehelo ya bona ya kamehla, eo halofo ya yona e tla hlahiswa hosasa, mme halofo e nngwe mantsiboya.

21. E tla apehwa ka ole, paneng; o tla e tlisa e hadikilwe hantle; o tla e hlahisa e apehilwe jwaloka nyehelo e kumilweng, e be monko o monate ho Jehova.

22. Ho bara ba Aarone, eo ya tlang ho tlotsuwa ho nka sebaka sa hae le yena, o tla etsa nyehelo eo. Ke taelo ya kamehla ya Jehova, e tla tjheswa kaofela ha yona.

23. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya baprista e tla tjheswa kaofela ha yona; ha e na ho jewa.

24. Jehova a bua le Moshe, a re:

25. Bolella Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa sehlabelo sa sebe ke wona ona: Sehlabelo sa sebe se tla hlajwa pela Jehova, nqalong eo setjheso se hlabelwang teng; ke ntho e halalelang haholo.

26. Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.

27. Mali a mang ha a ka hasa seaparo, seaparo se hasitsweng se tla hlatsuwa nqalong e kgethehileng.

28. Pitsa ya letsopa e se apehileng e tla bolawa, mme ha se apehilwe pitseng ya koporo, e tla kutlulwa, e ntoo hlatsuwa ka metsi.

29. Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; ke ntho e halalelang haholo.

30. Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.