BIBELE e Halalelang

Levitike 5:10-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ka nonyana ya bobedi, o tla etsa setjheso ka molao wa teng; moprista o tla mo etsetsa pheko jwalo, bakeng sa sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.

11. Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.

12. O tla e tlisa ho moprista; moprista o tla qotsa ho yona ka seatla, ho etsa kgopotso, o tla e tjhesa aletareng, jwaloka dinyehelo tse tjhesetswang Jehova: ke sehlabelo sa sebe.

13. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa motho eo pheko ka baka la sebe seo a se entseng tabeng e nngwe ya tseno, mme o tla tshwarelwa. Se setseng e tla ba sa moprista, jwaloka ha ho etswa ka nyehelo.

14. Jehova a bua le Moshe, a re:

15. Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.

16. O tla busa jwalo theko ya ntho eo a e fothileng ho tse halalelang, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona. O tla e nea moprista; moprista o tla mo etsetsa pheko ka pheleu e ntshitsweng, e be sehlabelo sa molato, mme o tla tshwarelwa.

17. Ekare ha e mong a etsa sebe, a sa tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, o molato, mme o tla jara molato wa hae.

18. O tla tlisa ho moprista pheleu e se nang sekodi, e nkilweng mohlapeng wa hae ka tekanyetso ya hao, e be sehlabelo sa molato. Moprista o tla mo etsetsa pheko ka baka la molato wa hae, oo a o entseng a sa tsebe, mme o tla tshwarelwa.