BIBELE e Halalelang

Levitike 5:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.

2. Leha motho a amile, a sa tsebe, ntho e sa hlwekang, jwaloka setopo sa phoofolo e sa hlwekang, e le setopo sa phoofolo ya naha kapa sa e ruilweng, kapa setopo sa sehahabi, o itshilafaditse, o molato.

3. Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.

4. Ekare ha motho a itlama feela ka molomo, mme a hlapanya hore o tla etsa bobe, kapa botle, ka mokgwa ofe le ofe oo motho a ka buang ka wona, leha a sa ka a lemoha, ha a qala ho lemoha, eba o molato.

5. Motho ya tlang ho ba le molato wa ntho e nngwe ya tseo, o tla bolela sebe sa hae;

6. o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato ka baka le sebe seo a se entseng, e be sa ntho e tshehadi ya tse kgutshwane, kapa nku, kapa podi, e be sehlabelo sa sebe, hore moprista a mo etsetse pheko ya sebe sa hae.

7. Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.

8. O tla a tlisa ho moprista, ya tlang ho hlahisa pele leo e leng la sehlabelo sa sebe, mme o tla le tweba hlooho ka lenala ka nqa ka sekotlong, empa a se ke a le kgaolela ruri.

9. Ka madi a sehlabelo sa sebe, o tla fokela lehlakoreng la aletare, mme madi a setseng a tla tshollelwa fatshe, pela aletare: ke sehlabelo sa sebe.

10. Ka nonyana ya bobedi, o tla etsa setjheso ka molao wa teng; moprista o tla mo etsetsa pheko jwalo, bakeng sa sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.

11. Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.