BIBELE e Halalelang

Levitike 27:28-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Eng le eng eo motho a e kgethetseng Jehova ka anathema ho tseo a di ruileng, motho, kapa kgomo, kapa tshimo ya lefa la hae, e ke ke ya rekwa, leha e le ho rekollwa; eng le eng e kgethetsweng Jehova ka anathema ke ntho e halalelang.

29. Motho ya kgethilweng ka anathema, ha ho kamoo a ka lopollwang kateng; o tla bolawa.

30. Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.

31. Ekare ha e mong a rata ho lopolla ntho e nngwe ya boshome ba hae, o tla eketsa ka bohlano ba yona.

32. Boshome bo bong le bo bong ba dikgomo le ba tse kgutshwane, ba tsohle tse tsamayang tlasa lere le modisa, bo kgethetswe Jehova.