BIBELE e Halalelang

Levitike 27:27-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Empa haele phoofolo e sa hlwekang, e tla lopollwa ka theko eo o tlang ho e lekanyetsa ka yona, ka ho eketsa ka bohlano ba yona; ha e sa ka ya lopollwa, ho tla rekwa ka yona ka tekanyetso ya hao.

28. Eng le eng eo motho a e kgethetseng Jehova ka anathema ho tseo a di ruileng, motho, kapa kgomo, kapa tshimo ya lefa la hae, e ke ke ya rekwa, leha e le ho rekollwa; eng le eng e kgethetsweng Jehova ka anathema ke ntho e halalelang.

29. Motho ya kgethilweng ka anathema, ha ho kamoo a ka lopollwang kateng; o tla bolawa.

30. Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.

31. Ekare ha e mong a rata ho lopolla ntho e nngwe ya boshome ba hae, o tla eketsa ka bohlano ba yona.

32. Boshome bo bong le bo bong ba dikgomo le ba tse kgutshwane, ba tsohle tse tsamayang tlasa lere le modisa, bo kgethetswe Jehova.

33. Ho ke ke ha tadingwa botle ba kgomo, kapa bobe ba yona; di se ke tsa ananngwa; ekare ha e nngwe e ananngwa ka e nngwe, e tla ba ntho tse halalelang tse pedi, di ke ke tsa lopollwa.

34. Ke yona melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ya Sinai.