BIBELE e Halalelang

Levitike 27:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. empa ha a mo kgethela tshimo ya hae kamora Jubile, moprista o tla lekanyetsa theko ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme o tla fokotsa tjhelete ka tekanyetso ya hao.

19. Ekare ha ya kgethetseng tshimo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete e lekanyeditsweng ke wena, mme tshimo e tla kgutlela ho yena;

20. empa ha a sa rekolle tshimo ya hae, kapa e le tshimo eo a e rekisitseng ho e mong, ha e sa tla lopollwa;

21. tshimo eo ha e lokollwa ka Jubile e tla kgethelwa Jehova jwaloka tshimo e seng e tetswe; e tla ruwa ke moprista, e be ya hae.

22. Ekare ha e mong a kgethela Jehova tshimo eo a itheketseng yona, e se tshimo ya masimo a lefa la hae,

23. moprista o tla mo lekanyetsa theko ya yona ka tekanyetso ya hao le ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme motho eo o tla o ntshetsa tjhelete eo o e lekantseng ka lona letsatsi leo, kaha e le ntho e kgethetsweng Jehova.

24. Ka selemo sa Jubile, tshimo e tla kgutlela ho eo a neng a itheketse yona ho yena, ho eo naha e leng ya hae.