BIBELE e Halalelang

Levitike 27:11-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ekare haele phoofolo e sa hlwekang ya tse hlahisetsweng Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, phoofolo eo e tla iswa ho moprista;

12. moprista o tla e lekanyetsa ka botle, kapa ka bobe ba yona; ho tla uwa ka theko e lekantsweng ke wena, moprista.

13. Ekare ha motho a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano hodima theko e lekantsweng ke wena.

14. Ekare ha e le ntlo e kgethelwang Jehova, moprista o tla e lekanyetsa kamoo e leng kateng, ka botle, kapa ka bobe ba yona, mme ho tla uwa ka tekanyetso ya moprista;

15. Ekare ha ya kgethetseng ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete eo o e lekanyeditseng ka yona, mme ntlo e tla ba ya hae.

16. Ekare ha e mong a kgethela Jehova lefapha la tshimo ya lefa la hae, o tla le lekanyetsa ka bokae ba peo ya lona, e be dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano ka homere ya peo ya harese.

17. Ekare ha a kgethela Jehova tshimo ya hae, ho tloha selemong sa Jubile, ho tla uwa ka tekanyetso ya hao;

18. empa ha a mo kgethela tshimo ya hae kamora Jubile, moprista o tla lekanyetsa theko ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme o tla fokotsa tjhelete ka tekanyetso ya hao.

19. Ekare ha ya kgethetseng tshimo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete e lekanyeditsweng ke wena, mme tshimo e tla kgutlela ho yena;

20. empa ha a sa rekolle tshimo ya hae, kapa e le tshimo eo a e rekisitseng ho e mong, ha e sa tla lopollwa;

21. tshimo eo ha e lokollwa ka Jubile e tla kgethelwa Jehova jwaloka tshimo e seng e tetswe; e tla ruwa ke moprista, e be ya hae.

22. Ekare ha e mong a kgethela Jehova tshimo eo a itheketseng yona, e se tshimo ya masimo a lefa la hae,

23. moprista o tla mo lekanyetsa theko ya yona ka tekanyetso ya hao le ka palo ya dilemo tse setseng ho isa ho Jubile, mme motho eo o tla o ntshetsa tjhelete eo o e lekantseng ka lona letsatsi leo, kaha e le ntho e kgethetsweng Jehova.