BIBELE e Halalelang

Levitike 27:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

2. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare ha e mong a itlama ka kano, ka ho bea batho, e tla ba ba Jehova ka tekanyetso ya hao.

3. Ha o lekanyetsa e motona ya dilemo tse tlohang mashomeng a mabedi, ho isa mashomeng a tsheletseng, tekanyetso ya hao e tla ba dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano, ka ho ya ka shekele ya sehalalelo;

4. haele mosadi, o tla mo lekanyetsa ka dishekele tsa silefera tse mashome a mararo.

5. Ba dilemo tse hlano, ho isa ho tse mashome a mabedi, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse mashome a mabedi, ngwanana e be ka dishekele tse leshome;

6. haele ba kgwedi e le nngwe, ho isa dilemong tse hlano, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tsa silefera tse hlano, ngwanana ka dishekele tsa silefera tse tharo;

7. haele ba dilemo tse mashome a tsheletseng le tse fetisang, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse leshome le metso e mahlano, mosadi e be ka dishekele tse leshome.

8. Ekare ha ya entseng kano a sitwa ho lefa dishekele ka tekanyetso ya hao, o tla iswa ho moprista ya tlang ho bolela tekanyetso ya hae; moprista o tla lekanyetsa ka ho bapisa le seo motho eo a se ruileng.

9. Ekare ha kano e le ka kgomo ya tse ntshetswang Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, kgomo e newang Jehova e tla ba ntho e kgethehileng.

10. E se ke ya ananngwa; ho se ke ha bewa e mpe sebakeng sa e ntle, leha e le e ntle sebakeng sa e mpe; ekare ha ho ananngwa kgomo e nngwe ka e nngwe, e tla ba tse kgethehileng tse pedi.