BIBELE e Halalelang

Levitike 26:8-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ba bahlano ho lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ho lona ba tla lelekisa ba dikete tse leshome; mme dira tsa lona di tla dihuwa ke lerumo pela lona.

9. Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.

10. Le tla ja dikotulo tsa kgale, mme le tla tlosa tsa kgale ho suthela tse ntjha.

11. Ke tla nne ke ahe hara lona, mme Moya wa ka o ke ke wa tenwa ke lona.

12. Ke tla itsamaela hara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka.

13. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.

14. Empa ekare ha le sa nkutlwe, le sa phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona,

15. ha le nyedisa melao ya ka, mme le tenwa ke dikahlolo tsa ka; ha le sa ye ka melao ya ka, mme le roba selekane sa ka,

16. bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.

17. Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.

18. Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, ke tla eketsa kotlo hasupa, ke tle ke le otle ka baka la dibe tsa lona.

19. Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.

20. Matla a lona a tla fella lelea; naha ya lona e ke ke ya medisa dijo, mme difate tsa naha di ke ke tsa bea ditholwana.

21. Ekare ha le ntshetakela, le hana ho nkutlwa, ke tla boela ke eketse kotlo ya dibe tsa lona hasupa.

22. Ke tla le nehella dibatana tsa naha, di tle di le hlokise bana, di senye makgomo a lona, di fokotse palo ya lona, ditsela tsa lona di be di hloke batho.

23. Ekare ha le sa bake le moo, le ntse le ntshetakela, le nna ke tla le setakela;

24. ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.

25. Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.