BIBELE e Halalelang

Levitike 26:37-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Ba tla wa ka dihlooho, ba bang hodima ba bang, jwaloka hoja ba dihuwa ke lerumo, leha ho se motho ya ba lelekisang.

38. Le tla sitwa ho tiya pela bao e leng dira ho lona; le tla fella hara ditjhaba, mme le tla qetwa ke lefatshe la bao e leng dira ho lona.

39. Haele ba tlang ho pholoha ho lona, ba tla monyella naheng ya bao e leng dira ho lona ka baka la makgopo a bona; ba tla monyela le ka baka la makgopo a bontata bona.

40. Empa etlare ha ba ipolela makgopo a bona, le makgopo a bontata bona, le ditlolo tseo ba nketseditseng tsona,

41. le kamoo ba neng ba ntshetakela kateng, e leng tseo le nna ke neng ke ba setakela ka baka la tsona; ha ke ba isitse dinaheng tsa bao e leng dira ho bona, ha dipelo tsa bona tse manyala di ikokobetsa, mme ba lefa molato wa makgopo a bona, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo,

42. ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.

43. Naha e tla tlohelwa ke bona, mme e tla thabela Disabatha tsa yona, ha e sa ntse e senyehile, ba le siyo; ba tla lefa molato wa makgopo a bona, ka baka la hobane ba nyatsitse dikahlolo tsa ka, mme ba kgesitse melao ya ka.

44. Leha ho le jwalo, ha ba sa ntse ba le naheng ya bao e leng dira ho bona, nke ke ka ba lahla, mme nke ke ka ba kgesa hore ke ba fedise, mme ke robe selekane sa ka le bona; hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona.