BIBELE e Halalelang

Levitike 26:33-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.

34. Ke moo naha e tla thabela Disabatha tsa yona ka tshiu tsohle tsa tshenyeho ya yona, ha le sa ntse le qhalane lefatsheng la dira tsa lona; ke moo naha e tla lala, e thabele Disabatha tsa yona.

35. Ka tshiu tsohle tsa tshenyeho ya yona, e tla ba le phomolo eo e sa kang ya eba le yona mehleng ya Disabatha, ha le ntse le ahile ho yona.

36. Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.

37. Ba tla wa ka dihlooho, ba bang hodima ba bang, jwaloka hoja ba dihuwa ke lerumo, leha ho se motho ya ba lelekisang.

38. Le tla sitwa ho tiya pela bao e leng dira ho lona; le tla fella hara ditjhaba, mme le tla qetwa ke lefatshe la bao e leng dira ho lona.

39. Haele ba tlang ho pholoha ho lona, ba tla monyella naheng ya bao e leng dira ho lona ka baka la makgopo a bona; ba tla monyela le ka baka la makgopo a bontata bona.

40. Empa etlare ha ba ipolela makgopo a bona, le makgopo a bontata bona, le ditlolo tseo ba nketseditseng tsona,

41. le kamoo ba neng ba ntshetakela kateng, e leng tseo le nna ke neng ke ba setakela ka baka la tsona; ha ke ba isitse dinaheng tsa bao e leng dira ho bona, ha dipelo tsa bona tse manyala di ikokobetsa, mme ba lefa molato wa makgopo a bona, ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo,

42. ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.

43. Naha e tla tlohelwa ke bona, mme e tla thabela Disabatha tsa yona, ha e sa ntse e senyehile, ba le siyo; ba tla lefa molato wa makgopo a bona, ka baka la hobane ba nyatsitse dikahlolo tsa ka, mme ba kgesitse melao ya ka.

44. Leha ho le jwalo, ha ba sa ntse ba le naheng ya bao e leng dira ho bona, nke ke ka ba lahla, mme nke ke ka ba kgesa hore ke ba fedise, mme ke robe selekane sa ka le bona; hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona.

45. Ke tla hopola ka baka la bona selekane sa ka le bontata bona moholo, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta mahlong a ditjhaba, ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Jehova.

46. Ke tseo ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Jehova a e beileng pakeng tsa hae le bana ba Iseraele, thabeng ya Sinai, ka Moshe.