BIBELE e Halalelang

Levitike 26:19-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.

20. Matla a lona a tla fella lelea; naha ya lona e ke ke ya medisa dijo, mme difate tsa naha di ke ke tsa bea ditholwana.

21. Ekare ha le ntshetakela, le hana ho nkutlwa, ke tla boela ke eketse kotlo ya dibe tsa lona hasupa.

22. Ke tla le nehella dibatana tsa naha, di tle di le hlokise bana, di senye makgomo a lona, di fokotse palo ya lona, ditsela tsa lona di be di hloke batho.

23. Ekare ha le sa bake le moo, le ntse le ntshetakela, le nna ke tla le setakela;

24. ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.

25. Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.

26. Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.

27. Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, le ntse le ntshetakela,

28. le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.

29. Le tla ja nama ya bara ba lona, le je le nama ya baradi ba lona.

30. Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.

31. Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.

32. Ke tla sohlokanya naha ya lona, ho fihlela dira tsa lona tse tlang ho aha ho yona di makala.

33. Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.