BIBELE e Halalelang

Levitike 26:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Le se ke la iketsetsa medimo ya lefeela; le se ke la ikemisetsa setshwantsho se betlilweng sa lehong, leha e le sa lejwe; le se ke la emisa ditshwantsho tse jwalo naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

2. Bolokang Disabatha tsa ka, mme le hlonephe sehalalelo sa ka. Ke nna Jehova.

3. Ekare ha le latela ditaelo tsa ka, mme le boloka melao ya ka, le ya ka yona,

4. ke tla le fa dipula ka nako ya tsona; lefatshe le tla hlahisa dijo tsa lona, mme difate tsa naha di tla beha ditholwana tsa tsona.

5. Nako ya ho pola e tla fihlelana le ya kotulo ya merara, mme kotulo ya merara e tla fihlelana le nako ya ho jala. Le tla ja bohobe ba lona, le be le khore, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.

6. Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.

7. Le tla lelekisa dira tsa lona, mme di tla dihuwa ke lerumo pela lona.

8. Ba bahlano ho lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ho lona ba tla lelekisa ba dikete tse leshome; mme dira tsa lona di tla dihuwa ke lerumo pela lona.