BIBELE e Halalelang

Levitike 25:8-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. O tla bala dilemo tse supileng tsa diSabatha, o bale hasupa dilemo tse supileng, mme matsatsi a Disabatha tseo tse supileng e tla ba dilemo tse mashome a mane a metso e robileng mono o le mong.

9. O tla letsa terompeta e mantswe a phepa ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi; ka letsatsi la dipheko, le tla letsa diterompeta naheng yohle ya lona.

10. Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.

11. Selemo seo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile ho lona; le se ke la jala, le se ke la kotula matshwabodi a sona, le se ke la kga merara e sa kang ya hlaolwa.

12. Hobane ke Jubile; e tla kgetheha ho lona; mme le tla ja dijo tse masimong.

13. Ka selemo seo sa Jubile, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae.

14. Ekare ha le ka rekisa ka tshimo ho wa habo lona, kapa leha le ka ithekela tshimo ho wa habo lona, le se ke la jana.

15. O tla bala dilemo ho tloha ho Jubile, ha o ithekela ho wa heno, mme o tla o rekela ka ho lekanya palo ya dilemo tsa ho kotula.

16. O tla phahamisa theko ka ho e bapisa le bongata ba dilemo tseo, o tla e fokotsa ka ho e bapisa le bonyenyane ba dilemo tseo; hobane o tla o rekela ka palo ya dilemo tsa ho kotula.

17. Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

18. Le phethe melao ya ka, le boloke ditaelo tsa ka; le fele le di etse, mme le tla aha naheng ya lona ka boiketlo.

19. Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.

20. Empa ha le ka re: Re tla jang ka selemo sa bosupa, ha re sa jale, mme re sa kotule letho?

21. bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.

22. Le tla jala ka selemo sa boroba meno e le mmedi, le ntse le itjella dinyase, ho isa selemong sa boroba mono o le mong, le ntse le lebeletse dikotulo tsa lona, le eja tsa kgale.

23. Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.