BIBELE e Halalelang

Levitike 25:29-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ekare ha e mong a reka ka ntlo e hahilweng motseng o dikilweng ka marako, thekollo ya yona e ka etswa selemo se eso ho fele seo ho rekanweng ka sona; tokelo ya hae ya ho rekolla ke ya lemo se le seng feela.

30. Empa ntlo eo e ka motseng o dikilweng ka marako, ha e sa rekollwe, selemo se eso ho fele, e tla dula kamehla ho ya e rekileng, ho isa ditloholong tsa hae; e ke ke ya tswa ho yena le ka Jubile.

31. Empa matlo a metse e sa dikwang ka marako, a tla tadingwa jwaloka masimo; a ka rekollwa, mme ba a rekileng ba tla tswa ho wona ka Jubile.

32. Haele metse ya Balevi, le matlo ao ba tlang ho ba le wona teng, Balevi ba tla ba le tokelo ya ho a rekolla kamehla.

33. Ha e mong a reka ntlo e neng e rekiswa motseng wa Balevi, o tla tswa ho yona ka Jubile; hobane matlo a metse ya Balevi ke lefa la bona hara bana ba Iseraele.

34. Mme masimo a teetseng metse ya Balevi hare a ke ke a rekwa; ke leruo la bona ka ho sa feleng.

35. Ekare ha ngwaneno ya pela hao a fumaneha, mme letsoho la hae le fokola mosebetsing, o mo thole; o etse jwalo le ho motho wa setjhaba sesele, leha e le ho moeti, a tle a phele ha eno.

36. O se ke wa mo ja ka katiso, o se ke wa rua ka yena; o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele ha eno.

37. O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla katiso, leha e le tse jewang tsa hao ka ho bitsa ka ho fetisa.

38. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ho le fa naha ya Kanana, ke tle ke be Modimo wa lona.

39. Ekare ha ngwaneno a fumaneha pela hao, mme a ithekisa ho wena, o se ke wa mo sebedisa ka tshebetso ya lekgoba,

40. empa o tla dula ho wena jwaloka mohlanka, kapa moeti; o tla dula tshebeletsong ya hao ho isa selemong sa Jubile.

41. O tla tswa ho wena, yena le bana ba hae, mme o tla kgutlela mofuteng wa hae, le lefeng la botatae.