BIBELE e Halalelang

Levitike 25:19-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Naha e tla beha ditholwana tsa yona; le tla ja, le be le kgore, mme le tla aha ho yona ka boiketlo.

20. Empa ha le ka re: Re tla jang ka selemo sa bosupa, ha re sa jale, mme re sa kotule letho?

21. bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.

22. Le tla jala ka selemo sa boroba meno e le mmedi, le ntse le itjella dinyase, ho isa selemong sa boroba mono o le mong, le ntse le lebeletse dikotulo tsa lona, le eja tsa kgale.

23. Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.

24. Naheng yohle eo le e ruileng, le tla nea motho tokelo ya ho rekolla tshimo ya hae.

25. Ekare ha ngwaneno ya fumanehileng a ka rekisa ka fapha le leng la naha ya hae, eo e leng wa habo ka ho tswalwa, ya nang le tokelo ya ho rekolla, ha e be yena ya rekollang se rekisitsweng ke ngwanabo.

26. Ekare ha e mong a se na motho ya nang le tokelo ya ho rekolla, empa a ipatletse e le yena seo a ka rekollang ka sona, o tla bala dilemo, ho tloha mohla ba rekaneng;

27. se setseng sa theko, a se busetse ho eo a neng a rekane le yena, mme o tla kgutlela lefeng la hae.

28. Empa ha a sitwa ho phetha seo a ka se busetsang ho yena, seo a se rekisitseng se tla dula matsohong a ya se rekileng, ho isa selemong sa Jubile, e be hona eo a tswang, le yane a kgutlelang lefeng la hae.

29. Ekare ha e mong a reka ka ntlo e hahilweng motseng o dikilweng ka marako, thekollo ya yona e ka etswa selemo se eso ho fele seo ho rekanweng ka sona; tokelo ya hae ya ho rekolla ke ya lemo se le seng feela.

30. Empa ntlo eo e ka motseng o dikilweng ka marako, ha e sa rekollwe, selemo se eso ho fele, e tla dula kamehla ho ya e rekileng, ho isa ditloholong tsa hae; e ke ke ya tswa ho yena le ka Jubile.

31. Empa matlo a metse e sa dikwang ka marako, a tla tadingwa jwaloka masimo; a ka rekollwa, mme ba a rekileng ba tla tswa ho wona ka Jubile.

32. Haele metse ya Balevi, le matlo ao ba tlang ho ba le wona teng, Balevi ba tla ba le tokelo ya ho a rekolla kamehla.

33. Ha e mong a reka ntlo e neng e rekiswa motseng wa Balevi, o tla tswa ho yona ka Jubile; hobane matlo a metse ya Balevi ke lefa la bona hara bana ba Iseraele.

34. Mme masimo a teetseng metse ya Balevi hare a ke ke a rekwa; ke leruo la bona ka ho sa feleng.

35. Ekare ha ngwaneno ya pela hao a fumaneha, mme letsoho la hae le fokola mosebetsing, o mo thole; o etse jwalo le ho motho wa setjhaba sesele, leha e le ho moeti, a tle a phele ha eno.

36. O se ke wa mo ja ka katiso, o se ke wa rua ka yena; o tshabe Modimo wa hao, ngwaneno a tle a phele ha eno.

37. O se ke wa mo adima tjhelete ya hao ka ho batla katiso, leha e le tse jewang tsa hao ka ho bitsa ka ho fetisa.