BIBELE e Halalelang

Levitike 25:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe thabeng ya Sinai, a re:

2. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, lefatshe le tla lala, ebe Sabatha e hlomphang Jehova.

3. Ka dilemo tse tsheletseng, o tla jala tshimong ya hao, o be o hlaole merara ya hao, mme o kotule ditholwana tsa yona.

4. Empa selemo sa bosupa e tla ba Sabatha le phomolo, Sabatha e hlomphang Jehova; ka selemo seo o se ke wa jala letho tshimong ya hao; o se ke wa hlaola merara ya hao ka sona.

5. O se ke wa kotula matshwabodi a koro ya hao, mme o se ke wa kga ditholwana tsa merara ya hao e sa kang ya hlaolwa; e tla ba selemo sa phomolo ya masimo.

6. Empa ditholwana tsa Sabatha ya masimo e tla ba dijo tsa lona, tsa hao le tsa mohlanka wa hao e motona, le tsa e motshehadi, le tsa lekgoba la hao, le tsa moditjhaba ya ikahetseng ha eno,

7. le tsa makgomo a hao, le tsa diphoofolo tse naheng ya hao. Ho beha hohle ha yona e tla ba dijo.

8. O tla bala dilemo tse supileng tsa diSabatha, o bale hasupa dilemo tse supileng, mme matsatsi a Disabatha tseo tse supileng e tla ba dilemo tse mashome a mane a metso e robileng mono o le mong.

9. O tla letsa terompeta e mantswe a phepa ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi; ka letsatsi la dipheko, le tla letsa diterompeta naheng yohle ya lona.

10. Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.

11. Selemo seo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile ho lona; le se ke la jala, le se ke la kotula matshwabodi a sona, le se ke la kga merara e sa kang ya hlaolwa.

12. Hobane ke Jubile; e tla kgetheha ho lona; mme le tla ja dijo tse masimong.

13. Ka selemo seo sa Jubile, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae.

14. Ekare ha le ka rekisa ka tshimo ho wa habo lona, kapa leha le ka ithekela tshimo ho wa habo lona, le se ke la jana.

15. O tla bala dilemo ho tloha ho Jubile, ha o ithekela ho wa heno, mme o tla o rekela ka ho lekanya palo ya dilemo tsa ho kotula.