BIBELE e Halalelang

Levitike 25:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe thabeng ya Sinai, a re:

2. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, lefatshe le tla lala, ebe Sabatha e hlomphang Jehova.

3. Ka dilemo tse tsheletseng, o tla jala tshimong ya hao, o be o hlaole merara ya hao, mme o kotule ditholwana tsa yona.

4. Empa selemo sa bosupa e tla ba Sabatha le phomolo, Sabatha e hlomphang Jehova; ka selemo seo o se ke wa jala letho tshimong ya hao; o se ke wa hlaola merara ya hao ka sona.

5. O se ke wa kotula matshwabodi a koro ya hao, mme o se ke wa kga ditholwana tsa merara ya hao e sa kang ya hlaolwa; e tla ba selemo sa phomolo ya masimo.

6. Empa ditholwana tsa Sabatha ya masimo e tla ba dijo tsa lona, tsa hao le tsa mohlanka wa hao e motona, le tsa e motshehadi, le tsa lekgoba la hao, le tsa moditjhaba ya ikahetseng ha eno,

7. le tsa makgomo a hao, le tsa diphoofolo tse naheng ya hao. Ho beha hohle ha yona e tla ba dijo.

8. O tla bala dilemo tse supileng tsa diSabatha, o bale hasupa dilemo tse supileng, mme matsatsi a Disabatha tseo tse supileng e tla ba dilemo tse mashome a mane a metso e robileng mono o le mong.

9. O tla letsa terompeta e mantswe a phepa ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi; ka letsatsi la dipheko, le tla letsa diterompeta naheng yohle ya lona.

10. Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.