BIBELE e Halalelang

Levitike 24:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Laela bana ba Iseraele, hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya mohlwaare, hore dilampi di nne di tshelwe kamehla.

3. Ke ka kwano ho lesira le sirelang bopaki tenteng ya pokano Aarone a tlang ho e lokisa, hore dilampi di nne di tuke kamehla pela Jehova ho qala mantsiboya ho isa hosasa. Ke molao o sa feleng le ho ditloholo tsa lona.

4. O tla lokisa dilampi kandelareng ya kgauta e tshekilweng, hore di nne di tuke kamehla pela Jehova.

5. O tla nka lefi la phofo, o etse mahobe a leshome le metso e mmedi, bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa.

6. O tla a hlahlamanya ka ditha tse pedi tafoleng ya kgauta e tshekilweng, pela Jehova; a be ka botshelela setheng se seng le se seng.

7. Hodima setha se seng le se seng, o tla bea dibano tse hlwekileng; e tla ba kgopotso le nyehelo e tjheseditsweng Jehova ka mollo.

8. Ka Disabatha tsohle o tla hlahlamanya mahobe ao pela Jehova kamehla, bakeng sa bana ba Iseraele, e be pontsho ya selekane se sa feleng.

9. E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng.

10. Mora wa mosadi wa Moiseraele, eo e neng e le mora wa Moegepeta, o ne a tlile hara bana ba Iseraele, mme a lwana le monna wa Moiseraele diahelong.

11. Mora wa mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri, wa leloko la Dane.

12. Ba mo lebela, ho fihlela ha Moshe a tla ba bolella ka taelo ya Jehova se ka etswang ka yena.

13. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re: