BIBELE e Halalelang

Levitike 24:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ba mo lebela, ho fihlela ha Moshe a tla ba bolella ka taelo ya Jehova se ka etswang ka yena.

13. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:

14. Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.

15. O tla bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: E mong le e mong ya rohakang Modimo wa hae, o tla jara molato wa sebe sa hae;

16. ya tlang ho nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa; o tla tlepetswa ke phutheho kaofela. Moditjhaba, leha e le ya tswaletsweng hae, ha a ka nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa.

17. Mang le mang ya bolayang motho, o tla bolawa.

18. Mang le mang ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona: bophelo bo lefjwe ka bophelo.

19. Ekare ha e mong a hlahisetsa wa habo kotsi, o tla etswa seo a se entseng ngwanabo:

20. thobeho e lefjwe ka thobeho, leihlo ka leihlo, leino ka leino; kotsi eo a sentseng motho ka yona, le yena o tla etsetswa yona.

21. Ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona, empa ya bolayang motho, o tla bolawa.

22. Le tla ahlola moditjhaba le ya tswaletsweng hae ka molao o le mong, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

23. Moshe a bua le bana ba Iseraele; yaba ba ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa. Bana ba Iseraele ba ya ka taelo eo Moshe a e neilweng ke Jehova.