BIBELE e Halalelang

Levitike 23:37-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Ke yona eo mekete ya Jehova ya diphutheho tse halalelang, eo le tlang ho e mema, le tle le hlahisetse Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo, le ditjheso, le nyehelo, le mahlabelo, le ditshelo; ntho e nngwe le e nngwe e ke e etswe ka letsatsi le beetsweng yona.

38. Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.

39. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le kotutse dijo tsa naha, le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng. Le tla phomola ka letsatsi la pele, le be le phomole le ka letsatsi la boroba meno e le mmedi.

40. Ka letsatsi la pele, le tla inkela ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le mahlaku a matenya a difate le a meduwane ya noka, mme le tla ithabela pela Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi a supileng.

41. Ka selemo se seng le se seng, le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng. Ke molao o sa feleng melokong ya lona; le tla o etsa ka kgwedi ya bosupa.

42. Ka matsatsi a supileng, le tla hlola metlotlwaneng; bohle ba tswaletsweng naheng ya Iseraele ba tla hlola metlotlwaneng,

43. hore ditloholo tsa lona di tsebe hoba ke ahellisitse bana ba Iseraele metlotlwaneng, ha ke se ke ba ntshitse naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

44. Moshe a bolella bana ba Iseraele mekete ya Jehova ka mokgwa o jwalo.