BIBELE e Halalelang

Levitike 23:33-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

34. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ho tloha letsatsing la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo ya bosupa, ho tla etsetswa Jehova ka matsatsi a supileng mokete wa Metlotlwane.

35. Ka letsatsi la pele, e tla ba phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.

36. Ka matsatsi a supileng le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjhesitsweng ka mollo. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e halalelang; le tla hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo; e tla ba phutheho e phahameng; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.

37. Ke yona eo mekete ya Jehova ya diphutheho tse halalelang, eo le tlang ho e mema, le tle le hlahisetse Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo, le ditjheso, le nyehelo, le mahlabelo, le ditshelo; ntho e nngwe le e nngwe e ke e etswe ka letsatsi le beetsweng yona.

38. Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.

39. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, ha le se le kotutse dijo tsa naha, le tla etsetsa Jehova mokete ka matsatsi a supileng. Le tla phomola ka letsatsi la pele, le be le phomole le ka letsatsi la boroba meno e le mmedi.