BIBELE e Halalelang

Levitike 23:22-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Etlare ha le kotula naheng ya lona, o se ke wa qetela ho kotula lehlakore le leng la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonaka se ka kgwahlapiswang. O tla se tlohella bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

23. Jehova a boela a re ho Moshe:

24. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.

25. Le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong; empa le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.

26. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

27. Ka letsatsi la leshome la kgwedi eo ya bosupa, e tla ba letsatsi la dipheko; le ke le be le phutheho e halalelang ka lona, mme le hlomole meya ya lona, mme le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.

28. Ka letsatsi leo, le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong, hobane ke letsatsi la dipheko leo e ka kgonang le etse pheko ka lona pela Jehova, Modimo wa lona.

29. Motho e mong le e mong ya sa tlong ho hlomoha ka letsatsi leo, o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

30. Motho e mong le e mong ya tlang ho sebetsa mosebetsi ka letsatsi leo, ke tla mo timetsa hara setjhaba sa habo. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong.

31. Ke molao o sa feleng oo le tlang ho ya ka wona meahong ya lona yohle, lona le ditloholo tsa lona kaofela.

32. Ho lona e tla ba Sabatha, letsatsi la phomolo; le tla hlomola meya ya lona; ho tloha mantsiboya a letsatsi la boroba mono o le mong ho isa mantsiboya a le hlahlamang, le tla boloka Sabatha ya lona.

33. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

34. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ho tloha letsatsing la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo ya bosupa, ho tla etsetswa Jehova ka matsatsi a supileng mokete wa Metlotlwane.

35. Ka letsatsi la pele, e tla ba phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.

36. Ka matsatsi a supileng le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjhesitsweng ka mollo. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e halalelang; le tla hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo; e tla ba phutheho e phahameng; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.

37. Ke yona eo mekete ya Jehova ya diphutheho tse halalelang, eo le tlang ho e mema, le tle le hlahisetse Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo, le ditjheso, le nyehelo, le mahlabelo, le ditshelo; ntho e nngwe le e nngwe e ke e etswe ka letsatsi le beetsweng yona.