BIBELE e Halalelang

Levitike 23:20-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Moprista o tla tsokotsa ntho tseo pela Jehova, hammoho le bohobe ba dilopotsiya, le dikonyana tse pedi; di tla kgethelwa Jehova, mme e tla ba tsa moprista.

21. Le tla mema mokete ka tsatsi lona leo, le etse phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong. Ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ya ka wona, lona le ditloholo tsa lona meahong ya lona kaofela.

22. Etlare ha le kotula naheng ya lona, o se ke wa qetela ho kotula lehlakore le leng la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonaka se ka kgwahlapiswang. O tla se tlohella bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

23. Jehova a boela a re ho Moshe:

24. Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.

25. Le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong; empa le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.

26. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

27. Ka letsatsi la leshome la kgwedi eo ya bosupa, e tla ba letsatsi la dipheko; le ke le be le phutheho e halalelang ka lona, mme le hlomole meya ya lona, mme le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.

28. Ka letsatsi leo, le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong, hobane ke letsatsi la dipheko leo e ka kgonang le etse pheko ka lona pela Jehova, Modimo wa lona.

29. Motho e mong le e mong ya sa tlong ho hlomoha ka letsatsi leo, o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

30. Motho e mong le e mong ya tlang ho sebetsa mosebetsi ka letsatsi leo, ke tla mo timetsa hara setjhaba sa habo. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong.