BIBELE e Halalelang

Levitike 23:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.

11. O tla tsokoletsa ngata ka nqa tsohle pela Jehova, e tle e dumellwe; moprista o tla e tsokotsa jwalo, ka le hlahlamang Sabatha.

12. Ka letsatsi leo ho tsokotswang ngata, le tla hlabela Jehova konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso:

13. le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.

14. Le se ke la ja bohobe, leha e le dihlaku tsa koro e besitsweng, kapa e tutsweng, ho fihlela letsatsi lona leo le hlahisang nyehelo ho Modimo wa lona ka lona. Ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ya ka wona, lona le ditloholo tsa lona meahong ya lona yohle.

15. Ho tloha letsatsing le hlahlamang Sabatha, e leng letsatsi leo le tlisitseng ngata hore e tsokotswe, le tla bala veke tse supileng tse tletseng.

16. Le tla bala matsatsi a mashome a mahlano ho isa letsatsing le hlahlamang la Sabatha ya bosupa; le tla etsetsa Jehova nyehelo e ntja.

17. Le tla tlisa mahobe a mabedi a tswang matlung a lona, a tlang ho tsokotswa, e le mahobe a entsweng ka karolo tse pedi tsa boshome tsa lefi la phofo, a phehilwe, a lomositswe; ke dilopotsiya tsa Jehova.

18. Mahobe a tla ekeletswa ka setjheso seo le tla se etsetsa Jehova ka konyana tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi, le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi; le tla se hlahisa le nyehelo le ditshelo tsa sona, e tle e be sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

19. Le tla hlahisa phooko, e be sehlabelo sa sebe, le dikonyana tse tona tse pedi tse lemo se le seng, e be sehlabelo sa teboho.