BIBELE e Halalelang

Levitike 22:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. ya amileng ntho tseo, o tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme a ke ke a ja dintho tse kgethehileng, empa o tla hlatswa mmele wa hae metsing.

7. Etlare hobane letsatsi le dikele, etlaba o hlwekile, a ka ja dintho tse kgethehileng; hobane ke dijo tsa hae.

8. A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.

9. Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.

10. Ha ho moditjhaba ya tlang ho ja dintho tse halalelang; esita le moeti wa moprista, leha e le mohlanka wa hae ya lefjwang, ba ke ke ba eja dintho tse kgethehileng.

11. Empa ekare ha moprista a itheketse mohlanka ka tjhelete, yena o tla di ja; ho jwalo le bakeng sa ya tswaletsweng tlung ya hae; bona ba tla ja dijo tsa hae.

12. Ekare ha moradi wa moprista a nyalwa ke motho wa mofuta osele, a ke ke a hlola a eja dintho tse kgethehileng, tse hlahiswang ka tsokotso.

13. Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.

14. Ekare ha motho a eja dintho tse kgethehileng ka ho se tsebe, o tla busetsa ho moprista theko ya ntho eo e kgethehileng, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona.

15. Baprista ba se ke ba hlompholla dintho tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele tseo ba di hlahisetsang Jehova ka tsokotso;

16. hobane kahoo ba ka ba jarisa boima ba sebe seo ba ka se etsang, ha ba eja dintho tse kgethehileng; hobane ke nna Jehova ya ba halaletsang.