BIBELE e Halalelang

Levitike 22:19-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. o tla hlahisa ntho e tona e se nang sekodi, e kgethilweng dikgomong tsa lona, kapa dinkung tsa lona, kapa dipoding tsa lona; hore ntho ya hae e ke e dumelehe.

20. Le se ke la hlahisa letho le nang le sekodi, hobane le ke ke la dumeleha.

21. Ekare ha motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho ka ho phetha kano, kapa nyehelo ya ho ithatela, a nke dikgomong kapa dikgutshwaneng, e be ntho e hlokang sekodi, e tle e dumelehe; ho se ke ha eba sekodi ho yona.

22. Le se ke la hlahisa ntho e foufetseng, kapa e holofetseng, kapa e faotsweng, kapa e nang le dibebe, kapa e sekgwakgwa, kapa e nang le dihloba, mme le se ke la etsa ka yona aletareng sehlabelo se tjhesetswang Jehova.

23. O ka etsa nyehelo ya boithatelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le setho se selelele, kapa se sekhutshwanyane; empa ntho e jwalo e ke ke ya dumellwa hore ho tle ho phethwe kano ka yona.

24. Le se ke la hlahisetsa Jehova ntho e marete a teteditsweng, kapa a pshatlilweng, kapa a qotsutsweng, kapa a pomilweng; mme le se ke la etsa sehlabelo ka e jwalo naheng ya lona.

25. Le se ke la amohela tse jwalo matsohong a baditjhaba ho etsa ka tsona sejo sa Modimo wa lona, hobane di holofetse, di na le dikodi; di ke ke tsa dumellwa ke hona.

26. Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

27. Kgomo, nku, leha e le podi e tlang ho tswalwa, e tla dula le mma yona ka matsatsi a supileng; ho tloha letsatsing la boroba meno e le mmedi, le kamora lona, e tla dumellwa hore e hlahisetswe Jehova, e be sehlabelo se tjheswang ka mollo.

28. Empa ho makgomo le ho manku, le se ke la hlaba tswetse le ngwana yona ka tsatsi le le leng.

29. Etlare ha le hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho, le se hlahise ka mokgwa oo se ka dumelehang ka wona.

30. Se tla jewa ka lona letsatsi leo, mme le se ke la bolokela hosasane eng le eng ya sona. Ke nna Jehova.

31. Le boloke melao ya ka, mme le ye ka yona. Ke nna Jehova.

32. Le se ke la hlompholla lebitso la ka le halalelang, ke tle ke kgethehe hara bana ba Iseraele. Ke nna Jehova ya le halaletsang,