BIBELE e Halalelang

Levitike 22:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe, a re:

2. Bolella Aarone le bara ba hae hore, ba itemohele bakeng sa dintho tse halalelang, tseo ke di kgethelwang ke bana ba Iseraele, mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang. Ke nna Jehova.

3. Ere ho bona: Mang le mang wa ditloholo tsa lona, leha e le wa leloko la lona, ya atamelang dintho tse halalelang, tse kgethelwang Jehova ke bana ba Iseraele, a le sesila, motho eo o tla tloswa pela ka. Ke nna Jehova.

4. Setloholo se seng le se seng sa Aarone se nang le lepera, kapa ho dutla, se ke ke sa eja dintho tse kgethehileng, se eso ho hlweke; ho jwalo, le bakeng sa e mong ya amileng motho ya leng sesila ke setopo, kapa ya hlapileng.

5. Kapa ha e mong a amile sehahabi, mme a le sesila kahoo, kapa ha a amile motho ya nang le sesila sefe le sefe,

6. ya amileng ntho tseo, o tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme a ke ke a ja dintho tse kgethehileng, empa o tla hlatswa mmele wa hae metsing.

7. Etlare hobane letsatsi le dikele, etlaba o hlwekile, a ka ja dintho tse kgethehileng; hobane ke dijo tsa hae.

8. A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.

9. Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.

10. Ha ho moditjhaba ya tlang ho ja dintho tse halalelang; esita le moeti wa moprista, leha e le mohlanka wa hae ya lefjwang, ba ke ke ba eja dintho tse kgethehileng.

11. Empa ekare ha moprista a itheketse mohlanka ka tjhelete, yena o tla di ja; ho jwalo le bakeng sa ya tswaletsweng tlung ya hae; bona ba tla ja dijo tsa hae.

12. Ekare ha moradi wa moprista a nyalwa ke motho wa mofuta osele, a ke ke a hlola a eja dintho tse kgethehileng, tse hlahiswang ka tsokotso.

13. Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.

14. Ekare ha motho a eja dintho tse kgethehileng ka ho se tsebe, o tla busetsa ho moprista theko ya ntho eo e kgethehileng, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona.

15. Baprista ba se ke ba hlompholla dintho tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele tseo ba di hlahisetsang Jehova ka tsokotso;

16. hobane kahoo ba ka ba jarisa boima ba sebe seo ba ka se etsang, ha ba eja dintho tse kgethehileng; hobane ke nna Jehova ya ba halaletsang.

17. Jehova a bua le Moshe, a re: Bolella Aarone, le bara ba hae, le bana ba Iseraele kaofela, o re ho bona:

18. Motho e mong le e mong wa ntlo ya Iseraele, kapa wa baditjhaba ya ahileng Iseraeleng, ya tlang ho hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho phetha kano, leha e le nyehelo ka ho ithatela,