BIBELE e Halalelang

Levitike 21:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,

2. haese ka ba tswalaneng le yena, ba madi a le mang le yena, jwaloka mmae, kapa ntatae, kapa mora wa hae, kapa moradi wa hae, kapa ngwanabo,

3. leha e le kgaitsedi ya hae, eo e sa leng morwetsana eo a nang le yena, ya esong ho be le monna.

4. Ha ho a tshwanela hore eo e leng hlooho hara setjhaba sa habo, a ipee sesila ka ho itlhompholla.

5. Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare.

6. Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.

7. Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona.

8. O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.

9. Ekare ha moradi wa moprista a itlhompholla ka ho iketsa seotswa, o hlompholla ntatae; o tla tjheswa mollong.

10. Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae.

11. A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila.

12. A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova.

13. O tla inkela mosadi ya esong ho tsebe monna.