BIBELE e Halalelang

Levitike 20:5-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. nna, motho eo ke tla mo tjamela le leloko la hae; ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo, yena le bohle ba mo latelang bootsweng ba hae ho ya boka le Moloke.

6. Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.

7. Le ikgalaletse ke hona, le be le kgethehe, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

8. Le boloke melao ya ka, le ye ka yona. Ke nna Jehova ya le halaletsang.

9. Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.

10. Ekare ha motho a feba le mosadi wa e mong, ha a feba le mosadi wa wa habo, monna le mosadi ba febaneng ba tla bolawa.

11. Ekare ha e mong a feba le mosadi wa ntatae, eba o apotse bofeela ba ntatae: ba tla bolawa ba babedi, mme madi a bona a tla ba hodima bona.

12. Ekare ha e mong a feba le ngwetsi ya hae, ba tla bolawa ba babedi; ba ferekantse molao wa ditaba: madi a bona a tla ba hodima bona.

13. Ekare ha monna a robetse le monna e mong, jwalokaha ho robalwa le mosadi, ba entse ba babedi ntho e manyala, ba tla bolawa: madi a bona a tla ba hodima bona.

14. Ekare ha e mong a inkela mosadi le mmae ho ba etsa basadi, ke sebe se tshabehang: ba tla tjheswa mollong, yena le bona, hore sebe sena se se ke sa eba teng hara lona.

15. Ekare ha e mong a robala le phoofolo, o tla bolawa, le yona phoofolo le tla e bolaya.

16. Ekare ha mosadi a ka emela phoofolo hore a fejwe ke yona, o tla bolaya mosadi eo le yona phoofolo; mosadi o tla bolawa le yona phoofolo, mme madi a bona a tla ba hodima hae le hodima yona.

17. Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.

18. Ekare ha monna a robala le mosadi ya idileng, a apola bofeela ba hae, mme a pepesa mohlapo wa hae, le yena mosadi a pepesa letlang la hae, ba tla tloswa ba babedi hara setjhaba sa habo bona.

19. O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, leha e le ba kgaitsedi ya ntatao; hobane moo, ke ho apola madi a hao; ba tla jara sebe sa bona.

20. Ekare ha e mong a ka robala le mosadi wa ngwanabo ntatae, o apotse bofeela ba ngwanabo ntatae; ba tla jara sebe sa bona; ba tla shwa ba se na bana.

21. Ekare ha e mong a nka mosadi wa ngwanabo, ke ntho e sa lokang, o apotse bofeela ba ngwanabo; ba tla hloka bana.