BIBELE e Halalelang

Levitike 20:2-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. E re ho bana ba Iseraele: Leha e ka ba mang ho bana ba Iseraele, le ho baditjhaba ba aheletseng hara Iseraele, ya tlang ho ntshetsa Moloke e mong wa bana ba hae, o tla bolawa: baahi ba naha ba tla mo tlepetsa ka majwe.

3. Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.

4. Ekare ha baahi ba naha ba sa re letho ka ketso ya motho ya neetseng Moloke e mong wa bana ba hae, mme ba sa mmolaye,

5. nna, motho eo ke tla mo tjamela le leloko la hae; ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo, yena le bohle ba mo latelang bootsweng ba hae ho ya boka le Moloke.

6. Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.

7. Le ikgalaletse ke hona, le be le kgethehe, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

8. Le boloke melao ya ka, le ye ka yona. Ke nna Jehova ya le halaletsang.

9. Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.

10. Ekare ha motho a feba le mosadi wa e mong, ha a feba le mosadi wa wa habo, monna le mosadi ba febaneng ba tla bolawa.

11. Ekare ha e mong a feba le mosadi wa ntatae, eba o apotse bofeela ba ntatae: ba tla bolawa ba babedi, mme madi a bona a tla ba hodima bona.

12. Ekare ha e mong a feba le ngwetsi ya hae, ba tla bolawa ba babedi; ba ferekantse molao wa ditaba: madi a bona a tla ba hodima bona.

13. Ekare ha monna a robetse le monna e mong, jwalokaha ho robalwa le mosadi, ba entse ba babedi ntho e manyala, ba tla bolawa: madi a bona a tla ba hodima bona.

14. Ekare ha e mong a inkela mosadi le mmae ho ba etsa basadi, ke sebe se tshabehang: ba tla tjheswa mollong, yena le bona, hore sebe sena se se ke sa eba teng hara lona.